Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 18:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 “Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

15 Hape, ha ngwaneno a o sitelwa, eya, o mmolelle le le babedi feela;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hape, ha ngwaneno a o sitelwa, eya, o mmolelle le le babedi feela;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 18:15
21 Iomraidhean Croise  

Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.


Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho.


O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.


Ka mokgwa o jwalo; thato ya Ntata lona ya mahodimong, ke hore ho se ke ha timela le a mong wa ba banyenyane bana.


Yaba hona Petrose a mo atamelang, a re: Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa, ke tla mo tshwarela hakae na? E tla ba hasupa na?


Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.


O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.


Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.


Leha ke le ngoletse jwalo, e ne e se ka baka la ya sentseng, leha e le ka baka la ya senyeditsweng, empa e ne e le ho bonahatsa ho lona paballo eo re le etsetsang yona pela Modimo.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.


Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.


Leha ho le jwalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka ho re, ke ngwanabo lona.


Suthisa motho ya hlahisang thuto e kgelohileng, ha o se o kile wa mo tsosa ka la pele le ka la bobedi;


Haele lona basadi, le utlwe banna bao e leng ba lona jwalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa dumeleng lentswe, ba mpe ba hapuwe, leha e ke ke ya eba ka lentswe, e be ka metsamao ya basadi ba bona,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan