Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 11:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Mme ha le rata ho amohela polelo ya ka, ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 mme ha le ka kgolwa taba eo, Johanne ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

14 Mme ekare ha le rata ho di amohela, enwa ke Elia ya neng a tla tla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mme ekare ha le rata ho di amohela, enwa ke Elia ya neng a tla tla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 11:14
12 Iomraidhean Croise  

Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.


Hobane baporofeta bohle le molao ba porofetile, ha ba ha fihla Johanne.


o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.


Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.


Ke le fepile ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng; hobane le ne le sa lokela tsona, le jwale di sa ntse di ka le sita,


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan