Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mareka 8:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

22 Ba fihla Bethesaida. Batho ba tlisa sefofu ho Jesu, mme ba mo rapela hore a se ame.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

22 Yaba o fihla Bethsaida; mme ba tlisa sefofu ho yena, ba mo kopa hore a se ame.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Yaba o fihla Bethsaida; mme ba tlisa sefofu ho yena, ba mo kopa hore a se ame.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mareka 8:22
14 Iomraidhean Croise  

Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.


Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.


Yare ha a mo amile letsoho, febere ya mo tlohela, mme a tsoha, a mo sebeletsa.


Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.


Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etsetswe kamoo le dumetseng kateng.


Ha fihla ba tlisang ho yena motho ya omeletseng ditho, a jerwe ke batho ba bane.


Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.


Jesu a phakisa a kganna barutuwa ba hae, a re, ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ka nqa Bethsaida, ha a sa kgutlisa bongata.


Ho madimabe wena, Korasine! Ho madimabe wena, Bethsaida! Hobane mehlolo e entsweng hara lona, hoja ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka ba e bakile kgale ka masela a mahwashe le ka molora.


Yare ha baapostola ba kgutlile, ba bolella Jesu tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka le yena, a ya le bona kathoko, lefeelleng le bapileng le motse o bitswang Bethsaida.


Ka hosasane, Jesu a rata ho ya Galilea, mme a fihlela Filipi; a re ho yena: Ntatele!


Ba tla ho Filipi wa Bethsaida wa Galilea, ba mo kopa, ba re: Monghadi, re rata ho bona Jesu.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan