Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mareka 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re a sa tswa sekepaneng, motho ya nang le moya o ditshila, ya tswang mabitleng, a phakisa a mo kgahlanyetsa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

2 Yare ha a etswa ka sekepeng, a re ptjangptjang le monna ya nang le moya o ditshila, a etswa hara mabitla,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

2 Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mareka 5:2
13 Iomraidhean Croise  

ba dulang mabitleng, mme ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ya dikolobe; ba tlatsang mekeke ya bona ka dijo tse manyala;


Sinagogeng ya bona, motho o ne a le teng ya kenweng ke moya o ditshila; a howa,


Yaba moya o ditshila o a mo sisinya, o ntse o howa ka lentswe le leholo, wa ntoo tswa ho yena.


O ne a rialo kahobane ba ne ba re: O na le moya o ditshila.


A ba a bolella barutuwa ba hae hore sekepana se nne se mo emele, ka baka la bongata, hore bo se ke ba mo hatakela.


Jesu a boela a qala ho ruta pela lewatle, mme bongata bo boholo ba bokana ho yena; yaba o kena ka sekepaneng, a dula ho sona lewatleng; haele batho bohle, ba dula fatshe, lebopong la lewatle.


Ha ba kgutlisitse bongata, ba mo nka ka sekepana seo a neng a le ho sona; le dikepana tse ding di ne di le teng ho yena.


Yare hobane Jesu a boele a tshelele mose wane ka sekepana, bongata bo boholo ba bokana ho yena; o ne a le pela lewatle.


O ne a dula mabitleng, mme ho ne ho se motho ya tsebang ho mo tlama, leha e le ka mahlaahlela;


Hobane Jesu o ne a re ho wona: Tswa mothong eo, moya o ditshila.


hobane mosadi e mong eo ngwanana wa hae a kenweng ke moya o ditshila, o ne a mo utlwile, mme a tla, a kgumama maotong a hae.


Yare ha Jesu a theohetse fatshe, a kgahlanyetswa ke monna e mong wa motse, ya nang le batemona; e ne e se e le kgale a sa apare kobo, a sa dule le tlung, empa a le mabitleng.


A re a sa tla, motemona a mo idibanya, a ba a mmipetsa; empa Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, mme a mo nea ntatae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan