Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mareka 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

5 Yare ha a ba tadima ka nqa tsohle ka kgalefo, a swabiswa ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme letsoho la hae la fola, la ba jwaloka le leng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Yare ha a ba tadima ka nqa tsohle ka kgalefo, a swabiswa ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme letsoho la hae la fola, la ba jwaloka le leng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mareka 3:5
29 Iomraidhean Croise  

Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatsheng, mme pelo ya hae ya eba ntsho.


Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.


Ka swaba haholo ke hona, ka ba ka lahlela mesebetsi yohle ya Tobia kantle ho kamore.


Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka.


Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng.


A ntoo re ho bona: Haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho kapa ho mmolaya, ho lokelang ho etswa ka Sabatha ke hofe na? Empa ba kgutsa.


Empa Morena a mo araba, a re: Baikaketsi! na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla kgomo ya hae, leha e le esele ya hae sejelong ka Sabatha, a tle a e ise ho nwa na?


Mme ha a ba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.


Eitse hobane a ba habanye bohle, a re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A etsa jwalo; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.


bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwaetsweng letsatsi la topollo ke wona.


Ka baka leo, ka na ka halefiswa ke moloko oo, ka re: Pelo tsa bona di kgeloha kamehla; ha ba ka ba tseba ditsela tsa ka.


Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


ba re ho dithaba le ho mafika: Re weleng hodimo, le re pate pela sefahleho sa ya dutseng teroneng le pela bohale ba Konyana.


Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.


Yaba Jonathane o tloha tafoleng a halefile haholo, a sa ka a ja letho ka lona la bobedi la kgwedi, kahobane a hlomohetse Davida, hape a nyatsitswe ke ntatae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan