Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mareka 12:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

40 ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

40 Ba metsang matlo a bahlolohadi, mme ba etsa merapelo e melelele ka boikaketsi;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Ba metsang matlo a bahlolohadi, mme ba etsa merapelo e melelele ka boikaketsi;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mareka 12:40
13 Iomraidhean Croise  

Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.


Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Dinoha, madinyane a marabe! Le ka phema kahlolo ya dihele jwang?


Ha le rapela, le se ke la touta jwaloka bahetene; hobane ba hloma ba tla utluwa ke ho bua haholo.


ba ratang ditulo tse kapele masinagogeng le ditulo tse kapele meketeng;


Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Ekasita leha motho a le tuba, leha motho a le ja, leha motho a le amoha, leha motho a le phahamela, leha motho a le jabela, le ye le mamelle.


Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan