Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mareka 1:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 A nna a ruta masinagogeng a bona, naheng yohle ya Galelea, a ntse a leleka le batemona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

39 A potoloha le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a leleka bademona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

39 A nna a rera disinagogeng tsa bona Galelea yohle, a leleka batemona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 A nna a rera disinagogeng tsa bona Galelea yohle, a leleka batemona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mareka 1:39
10 Iomraidhean Croise  

Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.


Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.


Ba kena Kapernauma; yare ka tsatsi la Sabatha, Jesu a kena sinagogeng a ruta.


Sinagogeng ya bona, motho o ne a le teng ya kenweng ke moya o ditshila; a howa,


Jesu a re ho bona: A re yeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.


Jesu a boela a kena sinagogeng, mme motho o ne a le teng moo ya omeletseng letsoho.


Mme a makala ke ho se dumele ha bona. A ntoo tjhalaka le metsana e kathoko, a ntse a ruta.


Mme ha a fihla tlung ya hae, a fumana moradi wa hae a robetse malaong, le motemona a tswile.


Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan