Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 8:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ba mo rapela, ba re, a se ke a ba laela ho ya sekoting.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

31 Ba mo rapela hore a se ke a ba laela ho ya mohohlong o se nang pheletso.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

31 Mme tsa mo rapela hore a se ke a di laela ho tswela bodibeng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Mme tsa mo rapela hore a se ke a di laela ho tswela bodibeng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 8:31
14 Iomraidhean Croise  

O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.


O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.


Mohlape wa dikolobe tse ngata o ne o le teng moo, o fula thabeng; ba mo rapela, ba re, a ba dumelle, ba kene ho tsona, a ba a ba dumelle, ba kene ho tsona, a ba a ba dumella.


kapa: Ke mang ya tla theohela mokoting? Ho rialo, ke ho nyolla Kreste bafung.


Etlare hobane di phethe bopaki ba tsona, sebata se nyolohang sekoting se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Mme di na le morena wa tsona, e leng lengeloi la sekoti; lebitso la hae ka Sebeheru, ke Abadone, ka Segerike le bitswa Apolione.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan