Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 7:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

39 Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

39 Mofarisi ya neng a mo bitsitse, ha a bona hoo, a bua ka ho yena, a re: “Monna enwa, hoja e ne e le moporofeta, a ka be a tseba hore na mosadi ya mo amang ke mang le hore na ke ofe, hobane ke moetsadibe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Mofarisi ya neng a mo bitsitse, ha a bona hoo, a bua ka ho yena, a re: “Monna enwa, hoja e ne e le moporofeta, a ka be a tseba hore na mosadi ya mo amang ke mang le hore na ke ofe, hobane ke moetsadibe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 7:39
25 Iomraidhean Croise  

Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.


Hobane kamoo le nahanang pelong ya lona kateng, le jwalo. Le tla re ho wena: Ja, o nwe; empa pelo ya lona ha e ho wena.


ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.


Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.


Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.


Hobane kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tswang mehopolo e mebe, le mafebe, le dipoko, le dipolao,


Yaba o nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang; hobane ha ke na moo nka bokellang dijo tsa ka teng?


Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona.


Mme qhoku ya re ka pelong ya yona: Ke tla etsa eng, haele mona monga ka a nkamoha bolebedi ba ka? Ke hloka matla a ho lema; haele ho kopa, nka hlajwa ke dihlong.


A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,


Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Mme bonang, mosadi wa motse, eo e neng e le moetsadibe, yare ha a utlwa hobane o dutse dijong tlung ya mofarisi, a tlisa pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo.


A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.


Jesu a mo araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke o bolellang sona. A re: Bua, moruti.


Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta.


Mme phapang e ne e le kgolo hodima hae hara setjhaba. Ba bang ba ne ba re: O molemo; ba bang ba re: Tjhe; empa o thetsa batho.


Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan