Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 5:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

32 Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

32 Ha kea tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Ha kea tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 5:32
26 Iomraidhean Croise  

Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.


Hobane o ne a tseba hoba baprista ba baholo ba mo neetse yena ka baka la mona.


Ho ne ho na le e mong, ya bitswang Barabase, ya holehilweng le ba bang ba entseng moferefere, ba bolaile motho moferefereng.


Jesu ha a utlwa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang; ha ke a tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsadibe.


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e tla ba teng lehodimong ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.


Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.


ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.


Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.


Yaba ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne ba itimelang dijo hangata, ba etsetsang merapelo, le ba bafarisi ba etsetsang jwalo le bona, kanthe ba hao ba ja, ba nwa?


Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan