Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 23:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse ha a utlwile hoba ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, ya neng a le Jerusalema mehleng eo le yena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 Ha a se a tsebile hore o pusong ya Heroda, a mo romela ho Heroda, kaha le yena a ne a le Jerusalema matsatsing ao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

7 Yare ha a tseba hore ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, eo le yena a neng a le Jerusalema mehleng eo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Yare ha a tseba hore ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, eo le yena a neng a le Jerusalema mehleng eo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 23:7
9 Iomraidhean Croise  

Mehleng eo, Heroda moteterareke a utlwa botumo ba Jesu.


Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.


Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.


Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.


Ka tsatsi lona leo, ha tla bafarisi ba bang ho yena, ba re ho yena: Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.


Pilato, ha a utlwa ba bolela Galelea, a botsa hore na ke motho wa Galelea na?


Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;


Heroda moteterareke a utlwa tsohle tse entsweng ke Jesu, mme a tsieleha, hobane ba bang ba ne ba re: Johanne o tsohile bafung,


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan