Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 23:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

47 Yare ha molaodi wa lebotho la ba lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: “Kannete motho enwa o ne a lokile.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

47 Yare ha molaodi wa lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: Ruri, motho eo e ne e le ya lokileng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Yare ha molaodi wa lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: Ruri, motho eo e ne e le ya lokileng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 23:47
6 Iomraidhean Croise  

Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!


Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.


Molaodi wa lekgolo ya emeng moo, malebana le yena, eitse ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, hobane a meketse, a bolela, a re: Motho enwa e ne e le Mora wa Modimo ruri.


Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan