Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 22:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba thaba haholo, mme ba dumellana hammoho ho mo nea tjhelete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

5 Ba thaba, mme ba dumellana le yena ho mo fa tjhelete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

5 Yaba ba thaba, mme ba dumellana ho mo nea tjhelete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Yaba ba thaba, mme ba dumellana ho mo nea tjhelete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 22:5
11 Iomraidhean Croise  

A ya ho baprista ba baholo, le ho balaodi ba makgotla, ho rera le bona kamoo a tla ba neela yena kateng.


Mme ha a se a dumetse, a batla sebaka sa ho ba neela yena, setjhaba se sa tsebe.


Empa yare hobane a ithekele tshimo ka moputso wa bokgopo, a itihela, a phatloha kalehare, mala a hae a ba a horometseha kaofela.


Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.


Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan