Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale a re ho bona: Setjhaba se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 Yaba o re ho bona: “Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

10 A ba a re ho bona: Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 A ba a re ho bona: Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 21:10
12 Iomraidhean Croise  

Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Ka tsatsi leo, moferefere o moholo o tswang ho Jehova o tla ba teng hara bona, e mong le e mong a tshware letsoho la e mong, letsoho la hae le phahamele hodima letsoho la wa habo.


Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditshisinyeho tsa lefatshe di tla ba teng ka nqa tse ngata, le ditlala di tla ba teng le meferefere.


Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.


Mohla le utlwang dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; hobane tseo di tshwanetse ho hlaha pele, empa le moo, bofelo bo ke ke ba hlaha kapele.


E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.


Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan