Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hape, a bolela setshwantsho sena ho ba bang ba itshepisang hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang; a re:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

9 A bua setshwantsho sena ho ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 A bua setshwantsho sena ho ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 18:9
22 Iomraidhean Croise  

Moloko oo o hlwekile mahlong a wona, athe ha o eso ho itlhatswe ditshila tsa wona.


ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


Moprista o tla tadimisisa bohloko boo ka letsatsi la bosupa; ha a fumana hoba setshwa ha se a ka sa keka, mme ha ho mohwete o mosehlana, le hoba setshwa ha se a ka sa hlahisa sephobe se phobetseng ho feta letlalo,


Empa yena, kahobane a rata ho ipea ya lokileng, a re ho Jesu: Mme wa heso ke mang na?


Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona.


Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.


Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Bohle, ha ba bona hoo, ba seba, ba re: O fapohetse ha monna wa moetsadibe.


Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.


Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?


Jwale, ba mo rohaka, ba re: Ke wena o leng morutuwa wa hae; rona, re barutuwa ba Moshe.


Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.


Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.


Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;


Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo.


Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse.


Pele ke ne ke phela, ke se na molao; empa eitse ha molao o fihla, sebe sa tsoha, mme nna ka shwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan