Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba o e bitsa, a re ho yona: Taba tseo tsa hao tseo ke di utlwang ke dife. Hlahisa tsa bolebedi ba hao; hobane o ke ke wa hlola o eba molebedi wa ntho tsa ka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

2 A mmitsa, a re ho yena: ‘Ke utlwa dife ka wena? Neelana ka tsa bookamedi ba hao, hobane ha o ka ke wa hlola o eba mookamedi.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

2 Mme a mmitsa, a re ho yena: Taba tseo ke di utlwang tsa hao ke dife? fana ka tlaleho ea botsamaisi ba hao; hobane ha o sa tla hlola o eba molebedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme a mmitsa, a re ho yena: Taba tseo ke di utlwang tsa hao ke dife? fana ka tlaleho ea botsamaisi ba hao; hobane ha o sa tla hlola o eba molebedi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 16:2
23 Iomraidhean Croise  

hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.


Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng.


Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?


Le hona Jesu a bolella barutuwa ba hae, a re: Motho wa morui o ne a le teng, ya nang le qhoku, mme ya qoswa ho yena, ha thwe, e qhalantse letlotlo la hae.


Mme qhoku ya re ka pelong ya yona: Ke tla etsa eng, haele mona monga ka a nkamoha bolebedi ba ka? Ke hloka matla a ho lema; haele ho kopa, nka hlajwa ke dihlong.


Ka mokgwa o jwalo, motho ka mong ho rona o tla ikarabela ho Modimo bakeng sa tsa hae.


Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona.


Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.


Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo.


Dibe tsa batho ba bang di ye di bonahale pele, di ba etelle pele kahlolong, empa tsa ba bang tsona di ba latele.


E mong le e mong, kamoo neo eo a e abetsweng e leng kateng, a no sebeletsa ba bang ka yona, kamoo ho loketseng diabi tse ntle tsa mehauhelo kateng, e mengata ya Modimo.


Empa ba tla ikarabela ho ya itokisitseng ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan