Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba o re ho molemi wa merara: Bona; e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; se reme, se thibile keng mobu feela?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 A re ho molemi wa morara: ‘Bona, e se e le dilemo tse tharo ke ntse ke etla ke batla ditholwana sefateng sena sa feiye, ke sa di fumane. Se reme! Se otisetsang mobu?’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

7 Yaba o re ho molemi wa tshimo ya hae: Bona, ke dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; ke hobane’ng ha u senyetsa fatše?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Yaba o re ho molemi wa tshimo ya hae: Bona, ke dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; ke hobane’ng ha u senyetsa fatše?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 13:7
11 Iomraidhean Croise  

Jwale, o ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse; haele wena, ke tla o etsa setjhaba se seholo.


A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona.


Etlare hobane le kene naheng ya lona, ha le se le hlomile teng mefuta yohle ya difate tse behang ditholwana, le tla ila ditholwana tsa tsona, jwalokaha eka ha di a bolla; ka dilemo tse tharo di tla ba ho lona jwaloka eka ha di a bolla, mme di ke ke tsa jewa.


bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.


Sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse monate, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Molemi a araba, a re ho yena: Morena, ako se lese ka sona selemo sena hape, nke ke se leme, ke se tshele ka moitedi.


Hape, selepe se se se beilwe metsong ya difate. Mme jwale, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan