Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A ntoo hlahisa sehlabelo sa setjhaba; a nka phooko ya sehlabelo sa sebe sa setjhaba; a e hlaba, a e etsa sehlabelo sa sebe, kamoo a neng a entse sa pele kateng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 9:15
11 Iomraidhean Croise  

Baprista ba di hlaba, ba tshollela madi a tsona aletareng, bakeng sa sebe, hore ho etsetswe Baiseraele bohle pheko; hobane morena a ne a laetse hore setjheso le sehlabelo sa sebe di etsetswe Baiseraele bohle.


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Moshe a botsa phooko ya sehlabelo sa sebe; empa a fumana hobane ba e tjhesitse.


A hlatswa diteng le ditlhako, mme a di tjhesa hodima setjheso, aletareng.


O tla bolella bana ba Iseraele, o re: Nkang phooko ya sehlabelo sa sebe; le nke le namane le konyana tsa setjheso, e be tse lemo se le seng, tse hlokang sekodi;


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Ke ka baka leo a tshwanetseng ho hlahisa mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, jwalokaha a etsa ka baka la dibe tsa setjhaba.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan