Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Moshe a atametsa le bara ba Aarone; le bona a ba apesa dikojwana, a ba tlama ka dinyepa, mme a ba hokella dikatiba, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

13 Jwale Moshe a tlisa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse fihlang maotong, mme a ba tlama ka maqhama, a ba rwesa dituku, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 8:13
15 Iomraidhean Croise  

Baprista ba hao a ba ke ba apare ho loka, bakgethwa ba hao ba tshele mehoo ya thabo!


O be o apese Aarone ka diaparo tse kgethehileng, o mo tlotse, o mo kgethe, hore a tle a etse mosebetsi wa boprista pela ka.


Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Empa lona, le tla bitswa baprista ba Jehova, le bahlanka ba Modimo wa rona. Le tla ja menono ya ditjhaba, le ithorise kganyeng ya tsona.


Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.


Ba atamela, ba ba jarela kantle ho diahelo, ka dikojwana tsa bona, kamoo Moshe a laetseng kateng.


Diteng tsa yona le ditlhako tsa yona tsa hlatsuwa ka metsi, mme pheleu kaofela Moshe a e tjhesa aletareng; ya eba setjheso le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!


mme o ba beile marena le baprista ho Modimo wa rona, mme ba tla busa hodima lefatshe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan