Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Se ke ke sa apehwa ka ditomoso. Ke ba neile sona e be kabelo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo; ke ntho e halalelang haholo, jwaloka sehlabelo sa sebe le sa molato.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

17 Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 6:17
14 Iomraidhean Croise  

Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.


Hape, o tlotse aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, mme o kgethe aletare; aletare e tla ba ntho e halalelang haholo.


Moshe a botsa phooko ya sehlabelo sa sebe; empa a fumana hobane ba e tjhesitse.


Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.


Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


Bolella Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa sehlabelo sa sebe ke wona ona: Sehlabelo sa sebe se tla hlajwa pela Jehova, nqalong eo setjheso se hlabelwang teng; ke ntho e halalelang haholo.


Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; ke ntho e halalelang haholo.


Molao wa sehlabelo sa molato ke wona ona: ke ntho e halalelang haholo: Ho tla hlajwa sehlabelo sa molato nqalong eo setjheso se hlabelwang teng, mme madi a sona a tla tshelwa aletareng ka nqa tsohle.


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.


Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.


yena ya sa kang a etsa sebe, mme le thetso ha e a ka ya fumanwa molomong wa hae;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan