Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 5:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 “Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 5:15
33 Iomraidhean Croise  

Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.


Bona ba ntsha matsoho, ba itlama jwalo hore ba tla kgutlisa basadi ba bona; mme kahobane ba ne ba le molato, ba hlabela molato wa bona sehlabelo sa pheleu e ntjha.


Bohle ba balwang ba tla ntsha hona: ba ntshe halofo ya shekele (ka ho ya ka shekele ya sehalalelo, e leng shekele e nang le gera tse mashome a mabedi), ke re, halofo ya shekele, e be kabelo e abelwang Jehova.


Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato.


Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, eo a tlang ho e hlahisa le loge ya ole, e be sehlabelo sa molato, mme o tla di tsokotsa, e be kabelo e tsokoditsweng pela Jehova.


Ha o lekanyetsa e motona ya dilemo tse tlohang mashomeng a mabedi, ho isa mashomeng a tsheletseng, tekanyetso ya hao e tla ba dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano, ka ho ya ka shekele ya sehalalelo;


Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:


Jehova a bua le Moshe, a re:


O tla busa jwalo theko ya ntho eo a e fothileng ho tse halalelang, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona. O tla e nea moprista; moprista o tla mo etsetsa pheko ka pheleu e ntshitsweng, e be sehlabelo sa molato, mme o tla tshwarelwa.


O tla tlisa ho moprista pheleu e se nang sekodi, e nkilweng mohlapeng wa hae ka tekanyetso ya hao, e be sehlabelo sa molato. Moprista o tla mo etsetsa pheko ka baka la molato wa hae, oo a o entseng a sa tsebe, mme o tla tshwarelwa.


O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.


Molao wa sehlabelo sa molato ke wona ona: ke ntho e halalelang haholo: Ho tla hlajwa sehlabelo sa molato nqalong eo setjheso se hlabelwang teng, mme madi a sona a tla tshelwa aletareng ka nqa tsohle.


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.


ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, phutheho e sa ka ya lemoha, phutheho yohle e tla hlahisa sehlabelo sa pohwana, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, hammoho le nyehelo ya sona le tshelo ya sona e loketseng; mme le teng e hlahise phooko ya sehlabelo sa sebe.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ha ekaba eo a se na banababo ba ka buseletswang ntho eo, tefo e lefshwang e tla ba ya Jehova, newe moprista, le yona pheleu ya pheko eo ho tla etswa pheko ka yona.


Empa haele dintho tseo o tla rata ho di kgethela Modimo, le tseo o tla di hlahisa hodima dikano tsa hao, o tla di nka, o ye le tsona, nqalong eo Jehova a tla e kgetha.


Ebile ba re: Ha le kgutlisa areka ya Modimo wa Iseraele, le se ke la e kgutlisa e le feela, le mpe le o hlahisetse sehlabelo sa molato; kahoo le tla fola, kapa le tla tseba seo letsoho la wona le sa le tloheleng ka baka la sona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan