Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 27:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Eng le eng eo motho a e kgethetseng Jehova ka anathema ho tseo a di ruileng, motho, kapa kgomo, kapa tshimo ya lefa la hae, e ke ke ya rekwa, leha e le ho rekollwa; eng le eng e kgethetsweng Jehova ka anathema ke ntho e halalelang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

28 “ ‘Empa ntho efe kapa efe e abilweng, eo motho a e abelang Morena, eo e leng ya motho ya e abang; e ka ba motho, kapa phoofolo, kapa tshimo eo e leng lefa la hae, e ke ke ya rekiswa kapa ya lopollwa. Ntho e nngwe le e nngwe e abilweng, e halalela ka ho fetisisa ho Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 27:28
35 Iomraidhean Croise  

Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.


tshimo eo ha e lokollwa ka Jubile e tla kgethelwa Jehova jwaloka tshimo e seng e tetswe; e tla ruwa ke moprista, e be ya hae.


Ka baka leo, etlere hobane Jehova, Modimo wa hao, a o nee phomolo ka ho fedisa dira tsa hao kaofela tse o teetseng hare, lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho ba lefa le ruwang ke wena, o hlakole lebitso la Baamaleke tlasa lehodimo. O se ke wa ba lebala.


Jehova, mohla a o romang, o ne a itse: Eya; baetsadibe bao ba Baamaleke o ba neele anathema, o lwane le bona, o be o ba qete.


Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.


Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o thea ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.


Tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa hao.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).


Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Haele rona, re ke ke ra ba neela baradi ba rona nyalong, kahobane bana ba Iseraele ba hlapantse ka ho re: Ho rohakwe ya tla nea Babenjamine mosadi.


Hape, le etse hona: Ba batona bohle le ba batshehadi bohle ba tsebileng malao a monna, le ba bolaye.


Yaba bana ba Iseraele ba re: Ke bafe, melokong yohle ya Iseraele, ba sa kang ba nyolohela ho Jehova phuthehong? Ba rialo kahobane ba ne ba hlapantse ka hlapanyo e kgolo bakeng sa ba ka hanang ho nyolohela ho Jehova, Mitspe, ba re: Ruri ba tla bolawa.


Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.


Empa haele phoofolo e sa hlwekang, e tla lopollwa ka theko eo o tlang ho e lekanyetsa ka yona, ka ho eketsa ka bohlano ba yona; ha e sa ka ya lopollwa, ho tla rekwa ka yona ka tekanyetso ya hao.


Motho ya kgethilweng ka anathema, ha ho kamoo a ka lopollwang kateng; o tla bolawa.


O se ke wa kenya ntho e manyala tlung ya hao, esere mohlomong wa neelwa anathema jwaloka ntho eo; e tshabe haholo, mme o e ile haholo, hobane ke anathema.


Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.


Ba se ke ba rekisa ka yona, ba se ke ba e ananya, ho se ke ha iswa dilopotsiya tsa lefatshe leo hosele, hobane ke tse kgethetsweng Jehova.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan