Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 “ ‘Moprista a se ke a nyala mosadi wa seotswa kapa ya silafetseng; le mosadi ya hlalaneng le monna wa hae a se ke a mo nyala, hobane moprista o a halalela ho Modimo wa hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 21:7
7 Iomraidhean Croise  

Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Ba se ke ba nyala mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng; ba mpe ba nyale barwetsana ba lesika la ntlo ya Iseraele, kapa mosadi wa mohlolohadi e bileng mohlolohadi wa moprista.


O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.


Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan