Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 19:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Le se ke la beola moriri wa lona ho o etsa botjhitja, mme o se ke wa beola mathoko a ditedu tsa hao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

27 “ ‘Le se ke la kgatla tlopo, kapa la sekola ditedu tsa lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 19:27
11 Iomraidhean Croise  

Le bana ba Jehova, Modimo wa lona; le se ke la iphatsa, mme le se ke la ipeola pakeng tsa mahlo ka baka la mofu.


Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare.


Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, le hona ba se ke ba hodisa moriri wa bona; ba mpe ba ikute dihlooho.


Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona.


Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.


Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.


Ba ikgahlola ka seaparo se mahwashe, qhaqhaselo e ba apesitse; dihlong di teng difahlehong tsohle, dihlooho tsohle tsa bona ke tse mafatla.


Le se ke la phatsa mmele wa lona ka baka la mofu, mme le se ke la ingola ditshwantsho ka lehare. Ke nna Jehova.


ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.


Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola, a seha diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, mme a ba kgutlisa ba le jwalo.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgalemela ba bollang kaofela le ba sa bolleng,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan