Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 16:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Aarone o tla kena tenteng ya pokano, ho ya hlobola diaparo tsa lene tseo a neng a di apere ha a tla kena sehalalelong, mme a di tlohele teng;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

23 “Arone o tla kena ka Tenteng ya Morena, a hlobole diaparo tsa lesela la lene, tseo a ileng a di apara ha a kena ka Sehalalelong, ebe o di siya moo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 16:23
8 Iomraidhean Croise  

Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.


Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.


phooko e tle e ise naheng e se nang batho dibe tsohle tsa bona, tseo e di jereng; mme e tla tebellwa feelleng.


O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.


O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan