Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 14:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ho ntoo hopuwa ntlo kahare kahohle, mme ho tlositsweng leboteng le hopilweng ho tla tshollelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

41 Bokahare bohle ba ntlo bo tla thebolwa, mme mobu o thebotsweng o qhallwe sebakeng se ditshila, se kantle ho motse.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 14:41
10 Iomraidhean Croise  

ba dulang mabitleng, mme ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ya dikolobe; ba tlatsang mekeke ya bona ka dijo tse manyala;


Di tla heletsa marako a Tire, di dihe ditora tsa hae; ke tla fiela lerole la hae, ke mo etse lefika le hlobotseng.


o tla laela hore ho qhebollwe majwe ao lefu le namathetseng ho wona, a lahlelwe kantle ho motse, nqalong e sesila.


Ho tla nkwa majwe a mang a tlang ho bewa bakeng sa majwe a pele, ho nkwe mobu o mong o dubilweng ho bateha ntlo.


Ntlo eo e tla heletswa, le majwe a yona, le difate tsa yona, le mabota a yona; ntho tseo kaofela di tla thothelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.


O tla mo pomahanya dikoto, a mo nee kabelo e le nngwe le baikaketsi; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Yare ha a fihlile mose wane, naheng ya Bagadarene, a kgahlanyetswa ke batho ba babedi ba nang le batemona, ba tswa mabitleng; e ne e le ba hlanyang hampe, hoo ho neng ho se motho ya ka betang pelo ho feta ka tsela eo.


Hara bona ho na le Himenea le Aleksandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutwe ho lesa ho nyefola.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan