Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 13:57 - Sesotho 1909/1961 (SO)

57 Ha letheba le ka boela la hlaha seaparong, kapa ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ke lekgopho la lepera; seo le leng ho sona se tla tjheswa ka mollo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

57 Ha lefu lena le boela le hlaha hape seaparong sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlong efe le efe e entsweng ka letlalo, lefu leo le ntse le le matla; seaparo se nang le lefu lena se tjheswe ka mollo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 13:57
10 Iomraidhean Croise  

Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?


kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,


Empa etlare hobane letheba le hlatsuwe, moprista ha a le tadimisisa, mme a bona hoba le sobane, o tla le hahola, le tlohe seaparong, kapa letlalong, kapa ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng.


Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.


Morena, ha a utlwa taba tseo, a halefa; a roma makgotla a hae, a timetsa babolai bao, a tjhesa le motse wa bona.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.


Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan