Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 13:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Ekare ha letheba la lepera le le seaparong, leha e le seaparong sa boya ba nku,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

47 “Haeba seaparo se ena le lefu la lepera, e ka ba seaparo sa boya, kapa sa lesela la lene,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 13:47
13 Iomraidhean Croise  

Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.


Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.


Wa nka diaparo tse ding tsa hao, wa iketsetsa dinqalo tse diphahameng tse kgabisitsweng ka mebalabala, wa boka hona teng, e leng se neng se eso ho ka se etswa, se sa lokeleng le ho ba teng.


O tla ba le sesila mehleng yohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, mme o tla aha a nnotshi: boaho ba hae bo tla ba kantle ho diahelo.


kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,


Ho tla tjheswa seaparo seo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng tsa lene, kapa tsa boya, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o nang le letheba, etswe e le lepera le topetseng; e ka kgona o tjheswe ka mollo.


Ke wona molao bakeng se letheba la lepera diaparong tsa boya, kapa tsa lene, leha e le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ho tle ho bolelwe ka wona ha ntho e hlwekile, leha e sa hlweka.


le lepera la diaparo, le la matlo,


Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;


Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.


mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan