Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 13:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Moprista o tla tadimisisa setshwa ka letsatsi la bosupa, mme ekare ha a fihlela hoba ha se a ka sa keka letlalong, ho sa bonahale hore se phobetse ho feta letlalo, moprista o tla mmolela hore o hlwekile; o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

34 Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu lena la mmokwana; haeba le sa anela mmele, mme ho bonahala hore ha le a phobela, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a tla ba o hlwekile.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 13:34
6 Iomraidhean Croise  

ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, mme mohwete o mosehlana o mosesane o le teng, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke setshwa; ke lepera la hlooho, leha e le la ditedu.


mobabi o tla ipeola, empa a se ke a beola moo setshwa se leng teng; moprista o tla kwalla la bobedi motho ya jewang ke setshwa ka matsatsi a supileng.


Empa etlare hobane a bolelwe hoba o hlwekile, setshwa ha se kekile letlalong, moprista o tla tadima,


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Le hauhele ba bang ba dikadikang;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le hobane o sitwa ho mamella ba babe, o bile o lekile le ba ipeileng baapostola, athe hase bona, mme o lemohile hoba ba leshano;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan