Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a bitsa Moshe, a bua le yena a le tenteng ya pokano, a re:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Morena a bitsa Moshe a le ka Tenteng ya Morena, a re:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 1:1
19 Iomraidhean Croise  

A tjhesa setjheso sa hae le nyehelo ya hae, a tshollela le ditshelo tsa hae teng, mme a fafatsa aletare ka madi a mahlabelo a hae, a teboho.


Palo ya ditjheso tse tlisitsweng ke phutheho ya eba dikgomo tse mashome a supileng, le dipheleu tse lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi, kaofela ha tsona e le ditjheso tsa Jehova.


Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re:


Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.


Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.


E tla ba sona setjheso sa kamehla sa meloko yohle ya lona, se hlahiswang monyako wa tente ya pokano pela Jehova, moo ke tla teana le lona, hore ke tle ke bue le wena teng.


Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Modimo wa mmitsa o le hara sehlahla, wa re: Moshe! Moshe! A re: Ke nna enwa.


Moshe a nka tente, a itlhomela yona kantle ho diahelo, hole le diahelo; a e bitsa tente ya pokano; mang le mang ya batlang Jehova, o ne a tswela tenteng ya pokano e kantle ho diahelo.


Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.


Aletare ya ditjheso yona a e bea monyakong wa tabernakele ya tente ya pokano, a hlahisa teng mahlabelo a ditjheso le nyehelo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


oo Jehova a o laetseng Moshe, thabeng ya Sinai, ka letsatsi leo a laetseng bana ba Iseraele ho hlahisa dinyehelo tsa bona ho Jehova, feelleng la Sinai.


A etsa setjheso, mme a ya ka molao wa teng.


Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:


le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso;


Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Haha aletare ya Jehova, Modimo wa hao, ka majwe a sa betlwang, mme hodima yona o tle o hlabele Jehova, Modimo wa hao, mahlabelo a ditjheso.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan