Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Joshua 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Joshua 3:1
16 Iomraidhean Croise  

Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.


Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.


Ho nka selemong sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda, ho fihlela tsatsing lena e se e le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Jehova le neng le tle ho nna, mme ke nnile ka le bolella lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela.


le ka ho utlwa mantswe a bahlanka ba ka, baporofeta, bao ke nnileng ka ba romela ho lona, bao ke nnileng ka ba roma ke tsoha e sa le hosasa, le mpa le sa ka la ba utlwa;


Jwale, ka baka la hobane le entse tseo tsohle, ho bolela Jehova, mme nkile ka nna ka bua ho lona, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha le a ka la mmamela; mme nkile ka bitsa ho lona, empa ha le a ka la araba;


Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.


Iseraele a duladula Sittime, mme setjhaba sa qala teng ho etsa bohlola le baradi ba Moabe.


Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.


Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.


Joshua a boela a tsoha e sa le hosasa, mme baprista ba jara areka ya Jehova.


Ka tsatsi la bosupa, ba tsoha e sa le hosasa, tsatsi le eso ho tjhabe, ba potoloha motse hasupa ka mokgwa oo. Ka tsatsi leo, ba potoloha motse hasupa.


Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa.


Joshua a tsoha e sa le ka meso, a hlahloba setjhaba, mme a nyolohela Ai, a ena le baholo ba Iseraele, a eteletse setjhaba pele.


Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hosasa, ba ya emisa pela Gibea.


Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan