Motho ha a na matla a ho busa moya hore a o thibele; ho jwalo, ha a na ho laola letsatsi la lefu, ha ho kamoo ho ka phonyohuwang ntweng eo kateng, le bolotsana ha bo na ho lwela ba bo etsang.
Mme jwale, Jehova o a bua, o re: Ho tla feta dilemo tse tharo, tse kang dilemo tsa motho ya thotsweng; mme kganya ya Moabe e tla fela, bongata bo boholo ba hae bo fele; ho tla siuwa ba se ba kae, e seng ba bangata.
Eya o re ho Esekiase: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona ke ya eketsa matsatsi a hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.
Bolellang Jerusalema tse kgodisang pelo ya hae, le mo howeletse hore kgoleho ya hae e fedile, molato wa hae o lefilwe, le hoba o amohetse letsohong la Jehova habedi ho lekanang le dibe tsa hae kaofela!
O tla bala le moreki wa hae, a qale ka selemo seo a ithekisitseng ka sona, ho isa selemong sa Jubile; tjhelete ya thekollo e tla lekanngwa ka palo ya dilemo: dilemo di balwe jwaloka tsa motho ya lefjwang.
E se ke ya eba taba e bohloko ho wena ho mo lokolla feela hore a tle a tlohe ho wena; hobane o o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, e le ya loketsweng ke moputso wa mohlanka habedi; mme Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tse o di etsang.