Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Moya wa ka o hana ho di ama; ho nna ke dijo tse manyala.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 Dijo tse jwalo ha ke di lakatse, di tshwana le tse nqhuqhumisang mala!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 6:7
11 Iomraidhean Croise  

Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.


le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.


Dijo tsa ka ke mefehelo, dipokollo tsa ka di iphallela jwaloka dikgohola.


ha mahalapa a hae a tenwa ke bohobe, a se a sa lakatse dijo tse hlabosang;


Se tapileng a se ka jewa ha ho se na letswai? Na mothwebe o mosweu wa lehe a o na le ho utlwahala na?


Oho! Hola kopo ya ka e be e ka etsahala, mme Modimo wa nnea se lebeletsweng ke nna!


Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo,


ke sa je dijo tse monate; nama ha e a ka ya kena molomong wa ka, leha e le veine; ha ke a ka ka tlola ka veke tse tharo tse tletseng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan