Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 5:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

23 Majwe a ke ke a o sitisa ho lema masimo, batana tsa naha di tla phela ka kgotso le wena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 5:23
10 Iomraidhean Croise  

Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.


Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan