Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 42:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Kamora moo, Jobo a nna a phela dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mane; mme a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong wa bone.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

16 Kamora mona, Jobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane. A bona bana ba hae le ditloholo le ditloholwana tsa hae ho ya fihla molokong wa bone.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 42:16
13 Iomraidhean Croise  

Ditshiu tsa Tera ya eba dilemo tse makgolo a mabedi a metso e mehlano; Tera a ntoo shwela Kharane.


Ditshiu tsa bophelo ba Abrahama tseo a phetseng ka tsona, ke tsena: ke dilemo tse lekgolo le mashome a supileng a metso e mehlano.


Ditshiu tsa Isaaka ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi.


Jakobo a phela lefatsheng la Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; ditshiu tsa dilemo tsa bophelo ba Jakobo ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.


Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.


Yaba Josefa o a shwa, a na le dilemo tse lekgolo le nang le leshome, mme ba mo noka, ba mo kenya lekeseng Egepeta.


Mme ho ne ho sa fumanwe naheng yohle basadi ba leng batle jwaloka baradi ba Jobo; mme ntata bona a ba arolela lefa hara dikgaitsedi tsa bona.


Mme Jobo a shwa, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi.


O tla bona le bana ba bana ba hao. Kgotso e be ho Iseraele!


Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.


Ditloholo ke moqhaka wa maqheku, mme kganya ya bana ke batswadi ba bona.


Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.


Kamora tseo, Joshua mora Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa, a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome le le leng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan