3 Na e tla o rapela haholo, kapa e bue le wena ka lentswe la ho o qeka na?
3 Na e tla rapela hore o e rekolohele, kapa e bue ka bonolo, e nne e o qekise?
O ka kenya mohala dinkong tsa yona, le ho e phunya lehlaya ho kenya lesale na?
Na e tla itlama ho wena hore e tla o sebeletsa kamehla na?
Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.
Puo tsa bona di bonolo jwaloka sereledi, empa pelo tsa bona di rata ntwa feela; mantswe a bona a fetisa ole ka monate, empa ke marumo a tsomotsweng.
Mme jwale ekare ha le ka fela la utlwa lentswe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba le letlotlo la ka la sebele hara ditjhaba tse ding kaofela, etswe lefatshe lohle e le la ka.
Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.
Mofutsana o bua a rapela, empa morui o araba ka thata.
Morena o hlolwa ka sebete, mme leleme le bonolo le roba masapo.
ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!
Silefera ke ya ka, le kgauta ke ya ka, ho bolela Jehova wa makgotla.