Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 4:9
13 Iomraidhean Croise  

Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena; o tla utlwa taba, a kgutlele lefatsheng la hae; mme ke tla mo diha ka lerumo naheng ya hae.


bona, moya o moholo, o tswang feelleng, o hlile wa thula dintlha tse nne tsa ntlo, ya wela hodima ba batjha bao, mme ba shwele; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Ha a tla ke a sesefa lefifi; mollo o tla tjhesa makala a hae, o tla tloswa ke pudulo ya molomo wa wona.


O tshele dikgapatso tsa kgalefo ya hao, o tadime baikgohomosi bohle ho ba kokobetsa hang!


O ba pate kaofela leroleng, o epele difahleho tsa bona lebitleng.


Mangope a lewatle a hlaha, metheo ya lefatshe ya hloboleha ka kgalemelo ya hao, Jehova, ka pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hao.


O budutse ka moya wa hao, lewatle le ba aparetse, o ba tebetse jwaloka loto metsing a tshabehang.


Ka phefumoloho ya dinko tsa hao metsi a ne a boele hammoho, maqhubu a ema jwaloka lerako, madiba a tiya ka mpeng ya lewatle.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Jwang bo a omella, mme palesa e foforehe, ha e amilwe ke moya wa Jehova; ruri batho ke jwang.


Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.


O bake; ha ho se jwalo, ke tla phakisa ke tle ho wena, ke lwane le bona ka sabole ya molomo wa ka.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan