13 hore a tshware dipheletso tsa lefatshe, a tle a qhalanye ba bolotsana pela wona na?
13 hore pheletso tsa lefatshe a di aparele, ba kgopo ba be ba phasaphase?
hobane o bona ho isa pheletsong tsa lefatshe, o shadima tsohle tse tlasa lehodimo.
hobane o tseba mesebetsi ya bona; o ba diha bosiu, mme ba thubakanngwa.
O ba bolaya pontsheng ya bohle, kaha e le disenyi.
Ha o boloke bophelo ba molotsana; o ahlolela ba tujwang.
O le utlwahatsa hohle sebakeng sa lehodimo, o betsa mahadima a wona ho isa pheletsong tsa lefatshe.
Haesale o phela, na o se o kile wa laela meso ho hlaha, kapa o laetse mafube moo a tlang ho hlaha teng,
Ke hona moo lefatshe le fetohang sebopebo, jwaloka letsopa ha le bopjwa, mme dintho kaofela di hlahang ho le apesa.
Baetsadibe a ba ke ba timelle lefatsheng, ba babe ba lese ho ba teng! Boka Jehova, moya wa ka! Bokang Jehova!
Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme lewatle la kgutlela tulong tsa lona ha bosiu bo esa; Baegepeta ha ba se ba baleha, ba kgahlana le lona, mme Jehova a dihela Baegepeta hara lewatle.