Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.
Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.
empa ekare ha Jehova a etsa mohlolo, ha lefatshe le ahlamisa molomo wa lona, le ba metsa le tsohle tseo ba nang le tsona, mme ba theohela lempatung ba ntse ba utlwa, teng le tla tsebisisa hobane batho bao ba nyedisitse Jehova.
Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,
Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.
Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.
Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.