Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 27:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ke yena ya di bokellang, empa ke ya lokileng ya tla ikapesa ka tsona; mme silefera ya hae, ba se nang molato ba tla e arolelana.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

17 tsa etsa pokella, ya lokileng o tla di apara; ba se nang molato silefera ba e arolelane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 27:17
10 Iomraidhean Croise  

Ka lona tsatsi leo, morena Assueruse a nea mofumahadi Esthere ntlo ya Hamane, motshwenyi wa Bajuda, Mordekai yena a kena pela morena hobane Esthere o ne a mmoleletse seo a leng sona ho yena.


A ke ke a rua, maruo a hae a ke ke a sala, mafumo a hae a ke ke a aparela lefatshe.


Bara ba hae ba tla kgathatswa ke mafutsana, matsoho a hae a tla tshwanela ho busetsa leruo la hae.


O tla busetsa ditlatlapilweng tsa hae, a ke ke a di rua. O tla busetsa tse lekanang le tseo a di tlatlapileng, mme ha a sa tla di thabela.


Leha a ka bokella silefera, e be ka ka lerole, le diaparo tse ntle, di be ka ka qubu ya seretse,


kapa le mahosana a neng a ruile dikgauta, a tlatsitse matlo a wona ka disilefera;


Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.


Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Bokollang, lona baahi ba Maktheshe, hobane setjhaba sohle sa bahwebi se fedile, bohle ba ipelesitseng ka silifera ba timeditswe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan