Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 22:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Leha o ka tsamaya boikokobetsong, o tla ikopela matla a ho itsosa. O boloka motho ya ikokobetsang;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

29 hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 22:29
17 Iomraidhean Croise  

Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


o dihile babusi diteroneng tsa bona, mme o phahamisitse ba ikokobeditseng;


E mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa, mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla phahamiswa.


Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, mme o tsebisisa baikakasi ba sa le hole.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong.


Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan