Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

18 Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 22:18
9 Iomraidhean Croise  

Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?


Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.


Bonang! leseho la bona ha le matsohong a bona. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.


Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng keletso ya bakgopo, ya sa emeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;


ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


O ba hlomile; ba kentse metso, ba medile, ba beile ditholwana. O haufi le melomo ya bona, o mpa o le hole le dipelo tsa bona.


Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.


Kamora tseo, ke tla boya, mme ke tla tsosa ntlo ya Davida e weleng; ke tla tsosa dithako tsa yona, ke e emise;


Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan