Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Na Modimo ha o a phahama jwaloka lehodimo na? Tadima bohodimo ba dinaledi, bo hole hakakang!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 “Modimo ya mahodimong a hodimodimo, o tadimela dinaledi tlase, o di tadimela tlase le hoja di le hodimo!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 22:12
10 Iomraidhean Croise  

Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?


Bo phahame jwaloka lehodimo: o ka etsang? Bo tebile ho fetisa nqalo ya bafu: o ka tsebang?


Tadima nqa mahodimong, mme o bone; o tadime maru; a phahamile ho fetisa wena.


Haele mahodimo, ke mahodimo a Jehova, mme lefatshe o le neile bana ba batho.


Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang.


Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.


O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan