2 Le tla qeta dipolelo tseo neneng? Mamelang, re ntoo bua.
2 “Ho shwahla ha hao ho tla kgaotsa neng? Imamele pele, re ntano buisana!
Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na?
Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re:
Re etswa keng diphoofolo? Re mawatla keng mahlong a lona na?
Mamelang, mamelang dipolelo tsa ka, mme le mpheng tshediso eo.
Teng, ba babe ba lesa ho ferekanya, teng ho phomola ba kgathetseng;
Empa wena, Jobo, mamela dipolelo tsa ka, o sekehele mantswe a ka kaofela tsebe!
Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?
Ya arabang a eso ho utlwe, o bontsha bothoto ba hae, o ipakela dihlong.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;