Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 11:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane o tseba bolotsana ba batho, o bona bobe leha o sa bo hlokomele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

11 Bolotsana ba batho o bo tseba hantle; ha a bona bokgopo, na a ka kgutsa feela?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 11:11
17 Iomraidhean Croise  

O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae;


hobane o bona ho isa pheletsong tsa lefatshe, o shadima tsohle tse tlasa lehodimo.


Na ha o bone ditsela tsa ka na? Na ha o bale mehato ya ka kaofela na?


Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


Jehova o tadima a le lehodimong, o bona bara ba batho kaofela.


Le wena Jehova, o a bona! O se ke wa kgutsa! Morena, o se ke wa emela hole le nna!


Jehova o tseba mehopolo ya batho hoba ke lefeelafeela.


Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.


Pelong tsa bona ha ba bolele hore ke hopotse bolotsana ba bona. Jwale, diketso tsa bona di ba teetse hare, di pela sefahleho sa ka.


Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan