Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

17 Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Bakalatiya ba ile ba fihla ka mabothwana a bona a mararo, a hlaselang, ba futuhela dikamele, ba di hapa; ba bolaya le bahlanka ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 1:17
8 Iomraidhean Croise  

Empa Harane a shwa, Tera ntatae a sa ntse a le teng, lefatsheng leo a tswaletsweng ho lona, Ure wa Kalde.


Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.


Davida a re ho yena: O tswa kae? Eo a re ho yena: Ke balehile ntweng ya Iseraele.


yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Yare eo a sa bua, ha tla e mong, a re: Bara ba hao le baradi ba hao ha ba ne ba eja, ba enwa veine ka tlung ya moholwane wa bona,


Bona naha ya Bakalde! Ha e sa le setjhaba; Baassiria ba e neetse dibatana tsa naha; ba haha ditora tsa bona tsa ntwa, ba heletsa matlo a borena a Kanana, ba a etsa lesupi.


e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.


Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan