Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

6 Morena wa mabotho o bua tjena: “Remang difate, le hahe metero, le etsetse Jerusalema thibella. Ona motse o lokelwa ke kotlo, kahare ho wona ho tletse kgatello.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 6:6
15 Iomraidhean Croise  

Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, a ke ke a phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.


Hobane kamehla ha ke bua, ke ye ke howe, ke howeletse batho bothata le tshenyo; ka baka leo, lentswe la Jehova le mphetohetse sekgobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Hobane motse ona o nnile wa hlahisa bohale le kgalefo ho nna, ho nka mohla ba o hahileng, ho fihlela tsatsi lena, hore ke tle ke o tlose pontsheng ya ka;


Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa:


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella.


Na nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphethetsa ho setjhaba se jwaloka sena?


Na le re, nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphetetsa ho setjhaba se jwaloka seo na?


o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona.


Morena Jehova o re: Suna Jerusalema! Ke ne ke mmeile hara ditjhaba, ke beile mafatshe a mang ho mo teela hare;


Mme morena wa Leboya o tla tla, a hahe marako a phahamileng, a ikgapele motse o qhobosheane, mme makgotla a Borwa a ke ke a ema, le mokgetho wa wona o ke ke wa eba le matla a ho tiya.


Ho madimabe motse o ikgantshang, o ditshila, motse o hlorisang!


Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan