Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le mo futuheleng! Tlohang hle, re nyoloheng motshehare! Ho madimabe rona, hobane letsatsi le a dikela, mme meriti ya mantsiboya e setse e theile.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 “Ba tla re: ‘Itokisetseng ho mo futuhela! Emang, re futuheng ha tadi e anyesa! Re madimabe hakaakang! Tsatsi le se le sekame! Meriti ya mantsiboya e hlahlamela dithaba!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 6:4
14 Iomraidhean Croise  

Jwaloka mofo ha a sisetsa moriti pelo, jwaloka ya ruilweng ha a lebeletse moputso wa hae,


Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng!


Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.


Ya tswetseng ba supileng o tepeletse, o se a ya shwa; o phirimetswe ke letsatsi la hae e sa le motshehare, o hlabiswa dihlong, o swabile; mme masala a bona ke tla a neela lerumo pela bao e leng dira ho bona: ho bolela Jehova.


Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova.


Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlometse jwaloka motho ya o futuhelang, wena moradi wa Sione.


Kotulo e se e fedile, ho fetile lehwetla, mme rona ha re a namolelwa.


Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa!


Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!


Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...


Hobane Gasa o tla tlohelwa, Ashkelone a fetohe nahathothe; Ashdode ba tla mo leleka motshehare o moholo, Ekrone a fotholwe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan