Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 52:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 hape, molaodi wa balebedi a ya le mehope, le dipane, le mafiso, le dipitsa, le dikandelare, le dijana, le mafiswana; seo e leng sa kgauta a se nka ka ho re ke kgauta; seo e leng sa silefera a se nka ka ho re ke silefera.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

19 Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 52:19
9 Iomraidhean Croise  

Le dipane, le dipitsana, hohle hoo e leng kgauta e hlwekileng le silefera e hlwekileng, tsa nkwa ke molaodi wa bahlabani ba morena.


O tla etsa dipitsana tsa yona tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa mashala; mesebetsi yohle ya yona o e etse ka koporo.


Ke tla itsamaela hara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka.


La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;


Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan