Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 52:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 A honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme morena wa Babilona a mo isa Babilona, a mo hlahlela teronkong ho isa tsatsing la lefu la hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

11 Sedekiya yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a iswa Babilona, moo a ileng a kenngwa tjhankaneng teng ho fihlela letsatsi la lefu la hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 52:11
7 Iomraidhean Croise  

Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


A ntoo honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo ho mo isa Babilona.


O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.


Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan